Meetlo 11:30-46 BIBELE (SSO89SO)

30. mmankgweshepe, le mokgodutswane, le phathakalle, le polo, le lempetje.

31. Hara diphoofolo tsohle tse tsamayang, tsena ho lona ha di a hlweka. Mang kapa mang ya di amang ha di shwele o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.

32. Ntho e nngwe le e nngwe eo di welang hodima yona ha di shwele e tla ba e silafetse; e ka ba sejana se entsweng ka lehong, kapa diaparo, kapa letlalo, kapa mokotla. Ntho e nngwe le e nngwe e sebediswang e tla hlatsuwa ka metsi, empa e tla sala e silafetse ho fihlela ka phirimana, mme kamora moo e tla hlweka.

33. Sejana se seng le se seng sa letsopa, seo e nngwe ya tsona e welang kahara sona, tsohle tse ka ho sona di tla silafala, mme sejana seo eka kgona le se pshatle.

34. Dijo tsohle tse ka ho sona tse ka jewang, ha di ka tshwelwa ka metsi ao, di tla silafala, le tsohle tse ka nowang, tse ka sejaneng seo, di tla silafala.

35. Ntho efe le efe eo ho hong ha dififi tsa tsona ho welang hodima yona e tla silafala; haeba e le onto kapa mohaolwana, eka kgona di pshatlwe. Di silafetse, mme le ho lona e tla ba di silafetse.

36. Leha ho le jwalo, sediba kapa morifi o kgakeletsang metsi, tsena ha di na ho silafala, empa ya amang dififi tsena yena o a silafala.

37. Haeba ho hong ha sefifi sena ho ka wela hodima peo ya mofuta ofe kapa ofe, peo eo ha e silafele,

38. empa haeba peo eo e kolobile, mme ho hong ha sefifi ho wela hodima yona, peo eo ho lona hae e a hlweka.

39. “ <Haeba e nngwe ya diphoofolo tseo le jang nama ya tsona e itjhwella feela, mang kapa mang ya amang sefifi sa yona o tla silafala ho fihlela ka phirimana.

40. Mang kapa mang ya jang nama ya phoofolo e shweleng, o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimama. Ya tlosang sefifi sa yona o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.

41. “ <Tsohle tse hahabang hodima lefatshe ke manyala, mme di ke ke tsa jewa.

42. Tsohle tse holobang ka mpa, le tsohle tse tsamayang ka maoto a mane, le tsohle tse nang le maoto a mangata hara tse hahabang hodima lefatshe, tse jwalo le se ke la di ja, hobane ke manyala.

43. Le se ke la silafatsa meya ya lona ka tsohle tse hahabang, mme le se ke la itshilafatsa ka tsona.

44. Ke nna Morena, Modimo wa lona; ka baka leo, le ikgalaletse, mme le tla halalela. Kahoo le se ke la itshilafatsa ka eng le eng e hahabang hodima lefatshe.

45. Ke nna Morena ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona; ka baka leo, le tla halalela, hobane ke a halalela.

46. “ <Ona ke molao wa diphoofolo, le wa dinonyana, le wa dibopuwa tsohle tse phelang, tse tsamayang kahara metsi, le wa dibopuwa tsohle tse hahabang hodima lefatshe.

Meetlo 11