Meetlo 11:25-32 BIBELE (SSO89SO)

25. Mang kapa mang ya nkang dififi tsa tsona o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.

26. “ <Diphoofolo tsohle tse se nang dikgolana, kapa tse sa thuiseng, ha di a hlweka ho lona, mme ya di amang e tla ba o silafetse.

27. Hara diphoofolo tsohle tse maoto a mane, tse hatang ka maro, ho lona ha di a hlweka, mme ya di amang o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.

28. Ya nkang dififi tsa tsona o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.

29. “ <Hara diphoofolo tse tsamayang hodima lefatshe, ho lona tsena ha di a hlweka: sele, le tweba, le bommampharwane ka mefuta ya bona;

30. mmankgweshepe, le mokgodutswane, le phathakalle, le polo, le lempetje.

31. Hara diphoofolo tsohle tse tsamayang, tsena ho lona ha di a hlweka. Mang kapa mang ya di amang ha di shwele o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.

32. Ntho e nngwe le e nngwe eo di welang hodima yona ha di shwele e tla ba e silafetse; e ka ba sejana se entsweng ka lehong, kapa diaparo, kapa letlalo, kapa mokotla. Ntho e nngwe le e nngwe e sebediswang e tla hlatsuwa ka metsi, empa e tla sala e silafetse ho fihlela ka phirimana, mme kamora moo e tla hlweka.

Meetlo 11