Meetlo 11:24-29 BIBELE (SSO89SO)

24. “ <Tsena di tla le silafatsa, mme mang kapa mang ya amang dififi tsa tsona o tla silafala ho fihlela ka phirimana.

25. Mang kapa mang ya nkang dififi tsa tsona o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.

26. “ <Diphoofolo tsohle tse se nang dikgolana, kapa tse sa thuiseng, ha di a hlweka ho lona, mme ya di amang e tla ba o silafetse.

27. Hara diphoofolo tsohle tse maoto a mane, tse hatang ka maro, ho lona ha di a hlweka, mme ya di amang o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.

28. Ya nkang dififi tsa tsona o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.

29. “ <Hara diphoofolo tse tsamayang hodima lefatshe, ho lona tsena ha di a hlweka: sele, le tweba, le bommampharwane ka mefuta ya bona;

Meetlo 11