1. Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re ho bona:
2. “Buang le bana ba Iseraele, le re: <Tsena ke diphoofolo tseo le ka di jang hara diphoofolo tsohle tse teng lefatsheng.
3. Diphoofolo tsohle tse nang le dikgolana, tse thuisang, le ka di ja.
4. “ <Leha ho le jwalo, le se ke la ja tsena tse latelang, tse thuisang feela, kapa tse nang le dikgolana feela: kamele e a thuisa, empa ha e na dikgolana; ka baka leo, ho lona ha e a hlweka.
5. Pela e a thuisa, empa ha e na dikgolana, ka baka lena ho lona ha e a hlweka.
6. Mmutlanyana o a thuisa, empa ha o na dikgolana; ka baka leo, ho lona ha o a hlweka.
7. Kolobe e na le dikgolana, empa ha e thuise; ka baka leo, ho lona ha e a hlweka.
8. Le se ke la ja nama ya tsona, le se ke la ama le dififi tsa tsona; ho lona ha di a hlweka.
9. “ <Hara diphoofolo tse phelang ka metsing, le ka ja tse latelang: tsohle tse ka mawatleng kapa ka metsing a dinoka, tse nang le mapheo le mahehebu, le ka di ja.
10. Empa hara dibopuwa tsohle tse holobang, kapa tse sesang ka metsing, e ka ba tse ka mawatleng kapa ka dinokeng, tsohle tse se nang mapheo kapa mahehebu, ho lona ke manyala.