Meetlo 10:4-9 BIBELE (SSO89SO)

4. Moshe a bitsa Mishaele le Elesafane, e leng bara ba Usiele, rangwana Arone, mme a re ho bona: “Atamelang, le tlose ditopo tsa bana bana babo lona mona, kapele ho Sehalalelo, le di ntshetse kantle ho diahelo.”

5. Yaba ba a tla, ba di nkela kantle ho diahelo, di ntse di apere diaparo tsa tsona, jwalokaha Moshe a ne a laetse.

6. Moshe a re ho Arone, le ho bara ba hae Eleasare le Itamare: “Le se ke la hlantholla moriri wa lona, kapa la hahola diaparo tsa lona, esere la shwa, mme Morena a halefela phutheho yohle. Empa bana babo lona, le ba ntlo yohle ya Iseraele, bona ba ka llela ho tjheswa hona ho entsweng ke mollo o hoteditsweng ke Morena.

7. Le se ke la tswa monyakong wa Tente ya Morena, esere la shwa, hobane ole ya Morena e tlotsang e hodima dihlooho tsa lona.” Ba etsa kamoo Moshe a boletseng kateng.

8. Morena a bua ho Arone, a re:

9. “Ha le kena ka Tenteng ya Morena, wena, le bara ba hao, le se ke la nwa veine kapa jwala, esere la shwa. Ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona.

Meetlo 10