Meetlo 10:11-20 BIBELE (SSO89SO)

11. hape le rute bana ba Iseraele melao yohle eo Morena a ba boleletseng yona ka molomo wa Moshe.”

12. Moshe a re ho Arone, le ho Eleasare, le ho Itamare, bara ba Arone ba neng ba ntse ba phela: “Nkang nyehelo ya phofo e setseng nyehelong ya setjheso sa Morena, le e je e sa lomoswa, le le pela aletare, hobane nyehelo eo e halalela ka ho fetisisa.

13. Le e jelle sebakeng se halalelang, hobane ke seabo seo o se filweng, se filweng le bara ba hao, se tswang nyehelong ya setjheso ya Morena, kamoo ke laetsweng kateng.

14. “Sefuba sa nyehelo e akgotswang, le serope sa nyehelo e phahamisetswang hodimo, le di jelle sebakeng se hlwekileng. Di jewe ke wena, le bara ba hao, le baradi ba hao, hobane ke seabo seo o se filweng, se filweng le bara ba hao, se tswang mahlabelong a nyehelo ya teboho ya bana ba Iseraele.

15. Ba tlise serope sa nyehelo e phahamisetswang hodimo, le sefuba sa nyehelo e akgotswang, mmoho le nyehelo ya setjheso sa mafura, ho tla di akgotsa e le nyehelo e akgotswang kapele ho Morena. Tsena e tla ba tsa hao, le tsa bara ba hao, e be seabo sa hao sa mehla yohle, jwalokaha Morena a laetse.”

16. Jwale Moshe a batla podi ya nyehelo e tlosang sebe, mme a fumana e tjhesitswe. A halefela Eleasare le Itamare, bara ba Arone ba neng ba ntse ba phela, a re:

17. “Ke ka baka lang ha nyehelo e tlosang sebe le sa ka la e jella Sehalalelong, kaha e halalela ka ho fetisisa? Le e filwe hore e hlakole sebe sa phutheho, ka ho etsetsa phutheho eo tefelo ya sebe kapele ho Morena.

18. Bonang, madi a podi eo ha a a ka a tliswa ka Sehalalelong! Le ne le tshwanela ebe le e jeletse Sehalalelong, jwalokaha ke le laetse.”

19. Arone a re ho Moshe: “Bona, kajeno ba nyeheletse Morena ka nyehelo ya bona e tlosang sebe, le ka nyehelo ya bona ya setjheso, mme tsena ke tse etsahetseng ho nna. Haeba nka ja nyehelo e tlosang sebe kajeno, na hoo ho tla thabisa Morena?”

20. Ha Moshe a utlwa hoo, a kgotsofala.

Meetlo 10