10. Ke ho re le tle le tsebe ho kgetholla tse halalelang ho tse sa halaleleng, le tse hlwekileng ho tse sa hlwekang;
11. hape le rute bana ba Iseraele melao yohle eo Morena a ba boleletseng yona ka molomo wa Moshe.”
12. Moshe a re ho Arone, le ho Eleasare, le ho Itamare, bara ba Arone ba neng ba ntse ba phela: “Nkang nyehelo ya phofo e setseng nyehelong ya setjheso sa Morena, le e je e sa lomoswa, le le pela aletare, hobane nyehelo eo e halalela ka ho fetisisa.
13. Le e jelle sebakeng se halalelang, hobane ke seabo seo o se filweng, se filweng le bara ba hao, se tswang nyehelong ya setjheso ya Morena, kamoo ke laetsweng kateng.
14. “Sefuba sa nyehelo e akgotswang, le serope sa nyehelo e phahamisetswang hodimo, le di jelle sebakeng se hlwekileng. Di jewe ke wena, le bara ba hao, le baradi ba hao, hobane ke seabo seo o se filweng, se filweng le bara ba hao, se tswang mahlabelong a nyehelo ya teboho ya bana ba Iseraele.