Meetlo 10:1-5 BIBELE (SSO89SO)

1. Nadabe le Abihu, bara ba Arone, e mong le e mong a nka sekubetso sa hae, a kenya mollo ka ho sona, a tshela mokubetso hodima mollo, a nyehella Morena ka mollo o sa halaleleng, oo Morena a neng a sa mo laela wona.

2. Yaba mollo o tswa ho Morena, wa ba tjhesa, mme ba shwela kapele ho Morena.

3. Moshe a re ho Arone: “Sena ke seo Morena a neng a se bolela, ha a re: <Ke tla bonahatsa ho halalela ha ka ho ba leng haufinyane le nna, mme ke tla tlotliswa kapele ho setjhaba sohle.> ” Arone a kgutsa.

4. Moshe a bitsa Mishaele le Elesafane, e leng bara ba Usiele, rangwana Arone, mme a re ho bona: “Atamelang, le tlose ditopo tsa bana bana babo lona mona, kapele ho Sehalalelo, le di ntshetse kantle ho diahelo.”

5. Yaba ba a tla, ba di nkela kantle ho diahelo, di ntse di apere diaparo tsa tsona, jwalokaha Moshe a ne a laetse.

Meetlo 10