Matheu 9:3-16 BIBELE (SSO89SO)

3. Yaba Ditsebi tse ding tsa Molao di re ka dipelong tsa tsona: “Enwa o a nyefola!”

4. Jesu, ka ho tseba mehopolo ya bona, a re: “Le hopolelang bobe ka dipelong tsa lona?

5. Hantle ho leng bonolo ke hofe, ha e le ho re: <O tshwaretswe dibe tsa hao,> kapa ho re: <Tsoha, o tsamaye?>

6. Jwale hore le tle le tsebe hore Mora Motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela dibe,” a re ho ya shweleng ditho: “Tsoha, o nke diphate tsa hao, o ye hae!”

7. A tsoha a ya hae.

8. Yare ha matshwele a bona hoo, a tshoha, mme a tlotlisa Modimo ya neileng batho matla a jwalo.

9. Ha Jesu a fetela pele, a bona monna ya bitswang Matheu a dutse tlung ya lekgetho. A re ho yena: “Ntatele!”Matheu a ema, mme a mo latela.

10. Eitse ha Jesu a le dijong ka tlung, balekgetho le baetsadibe ba bangata ba ja le yena le barutuwa ba hae.

11. Ha Bafarisi ba bona hoo, ba re ho barutuwa ba hae: “Ke ka baka lang moruti wa lona a jang le balekgetho le baetsadibe?”

12. Yena ha a utlwa, a re ho bona: “Ba hlokang ngaka ke ba kulang, e seng ba phelang hantle.

13. Eyang, le ithute hore na ke ho reng ha ho thwe: <Ke thabela mohau, e seng sehlabelo.> Ke tlile ho bitsa baetsadibe, e seng ba lokileng.”

14. Jwale barutuwa ba Johanne ba tla ho Jesu, ba re: “Ke ka baka lang rona le Bafarisi re itimang dijo hangata, empa barutuwa ba hao ba sa itime?”

15. Jesu a ba araba, a re: “Na baetsana ba ye ba hlomohe ka nako eo monyadi a ntseng a ena le bona? Ho tla tla matsatsi ao ka wona monyadi a tla tloswa ho bona, e be hona ba itimang dijo.

16. “Ha ho motho ya rokellang setsiba sa lesela le letjha seaparong sa kgale, hobane setsiba se ka nathola seaparo, mme sa eketsa ho taboha.

Matheu 9