Matheu 9:28-38 BIBELE (SSO89SO)

28. Yare ha a kena ka tlung, difofu tseo tsa tla ho yena, mme Jesu a re ho tsona: “Na le dumela hore nka etsa hoo?”Tsa mo araba, tsa re: “E, Morena!”

29. Yaba o ama mahlo a tsona, o re: “Le etsetswe ho ya ka tumelo ya lona!”

30. Yaba mahlo a tsona a a bona. Jesu a di laya, a re: “Hlokomelang, ho se be motho ya ka tsebang!”

31. Empa hoba di tswe, tsa hasanya ditaba tsa Jesu lefatsheng leo lohle.

32. Yare ha difofu di tswile, ha tliswa ho Jesu motho wa semumu ya nang le modemona.

33. Hoba modemona o lelekwe, semumu sa bua. Matshwele a makala, a re: “Ha ho eso ka ho hlaha ntho e tjena Iseraeleng.”

34. Empa Bafarisi ba ne ba re: “O leleka bademona ka morena wa bademona.”

35. Jesu o ne a eya le metse le metsana yohle, a ntse a ruta matlung a bona a thapelo, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mmuso, a fodisa mafu le malwetse wohle.

36. Ha a bona batho, a ba utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse matla, ba saretswe jwaloka dinku tse se nang modisa.

37. Yaba o re ho barutuwa ba hae: “Kotulo e kgolo, empa basebetsi ha ba bakae;

38. ka baka leo, rapelang monga kotulo hore a romele basebetsi kotulong ya hae.”

Matheu 9