19. Jesu a ema, a mo latela, le barutuwa ba hae ba ya le yena.
20. Yaba mosadi, eo e neng e se e le dilemo tse leshome le metso e mmedi lehatlelo la hae le sa kgaotse, o hlaha Jesu kamorao, o ama qola ya seaparo sa hae,
21. hobane o ne a re ka pelong: “Ha nka mpa ka ama seaparo sa hae, ke tla fola.”
22. Jesu a reteleha, mme ha a mmona, a re: “Moradi, beta pelo, tumelo ya hao e o fodisitse.” Mosadi eo a fola ho tloha nakong yona eo.
23. Ha Jesu a fihla tlung ya mookamedi, mme a bona diletsi tsa makodilo le letshwele le tlatsang lerata,
24. a re: “Suthang! Ngwanana ha a a shwa, o mpa a robetse.” Ba mo ja ditsheho.
25. Yare ha batho ba ntsheditswe kantle, Jesu a kena a tshwara ngwanana ka letsoho, mme a tsoha.
26. Taba ena ya aparela lefatshe leo lohle.
27. Ha Jesu a fetela pele, difofu tse pedi tsa mo latela, di ntse di howa, di re: “Mora Davida, re hauhele!”
28. Yare ha a kena ka tlung, difofu tseo tsa tla ho yena, mme Jesu a re ho tsona: “Na le dumela hore nka etsa hoo?”Tsa mo araba, tsa re: “E, Morena!”
29. Yaba o ama mahlo a tsona, o re: “Le etsetswe ho ya ka tumelo ya lona!”
30. Yaba mahlo a tsona a a bona. Jesu a di laya, a re: “Hlokomelang, ho se be motho ya ka tsebang!”
31. Empa hoba di tswe, tsa hasanya ditaba tsa Jesu lefatsheng leo lohle.