Matheu 9:15-24 BIBELE (SSO89SO)

15. Jesu a ba araba, a re: “Na baetsana ba ye ba hlomohe ka nako eo monyadi a ntseng a ena le bona? Ho tla tla matsatsi ao ka wona monyadi a tla tloswa ho bona, e be hona ba itimang dijo.

16. “Ha ho motho ya rokellang setsiba sa lesela le letjha seaparong sa kgale, hobane setsiba se ka nathola seaparo, mme sa eketsa ho taboha.

17. Hape ha ho motho ya ka tshelang veine e ntjha makukeng a kgale, esere mohlomong makuka a phatloha, veine ya qhaleha, le wona makuka a senyeha, empa o ye a tshele veine e ntjha makukeng a matjha, mme bobedi ba tsona di bolokehe.”

18. Ha Jesu a ntse a ba bolella tsena, ha fihla e mong wa baokamedi ba ntlo ya thapelo, a mo kgumamela, a re: “Moradi wa ka o sa tswa hlokahala, empa tlo o mmee letsoho, mme o tla phela.”

19. Jesu a ema, a mo latela, le barutuwa ba hae ba ya le yena.

20. Yaba mosadi, eo e neng e se e le dilemo tse leshome le metso e mmedi lehatlelo la hae le sa kgaotse, o hlaha Jesu kamorao, o ama qola ya seaparo sa hae,

21. hobane o ne a re ka pelong: “Ha nka mpa ka ama seaparo sa hae, ke tla fola.”

22. Jesu a reteleha, mme ha a mmona, a re: “Moradi, beta pelo, tumelo ya hao e o fodisitse.” Mosadi eo a fola ho tloha nakong yona eo.

23. Ha Jesu a fihla tlung ya mookamedi, mme a bona diletsi tsa makodilo le letshwele le tlatsang lerata,

24. a re: “Suthang! Ngwanana ha a a shwa, o mpa a robetse.” Ba mo ja ditsheho.

Matheu 9