1. Jesu a kena ka sekepeng, a tshelela motseng wa habo.
2. Batho ba mo tlisetsa monna ya shweleng ditho, ba mo nkile ka diphate. Ha Jesu a bona tumelo ya bona, a re ho ya shweleng ditho: “Ngwana ka, beta pelo, o tshwaretswe dibe tsa hao.”
3. Yaba Ditsebi tse ding tsa Molao di re ka dipelong tsa tsona: “Enwa o a nyefola!”
4. Jesu, ka ho tseba mehopolo ya bona, a re: “Le hopolelang bobe ka dipelong tsa lona?
5. Hantle ho leng bonolo ke hofe, ha e le ho re: <O tshwaretswe dibe tsa hao,> kapa ho re: <Tsoha, o tsamaye?>
6. Jwale hore le tle le tsebe hore Mora Motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela dibe,” a re ho ya shweleng ditho: “Tsoha, o nke diphate tsa hao, o ye hae!”