27. Jwale batho bao ba hlollwa, ba re: “Eo ke ya jwang, ha e le moo a mamelwa le ke meya le letsha?”
28. Hoba Jesu a tshelele mose wane, fatsheng la Bagadara, a kgahlanyetswa ke banna ba babedi ba nang le bademona, ba etswa mabitleng, ba le bohale bo tshabehang; hoo ho neng ho se ya sebete ho feta ka tsela eo.
29. Ba ne ba howa, ba re: “O re kene kang, Mora wa Modimo? Na o tlile kwano ho re hlokofatsa pele ho nako?”
30. Sebakana le bona ho ne ho fula mohlapehadi wa dikolobe.
31. Bademona ba rapela Jesu, ba re: “Ha o re leleka mona, o mpe o re romele mohlapeng wane wa dikolobe.”
32. A re ho bona: “Eyang!” Ba tswa, ba kena dikolobeng, mme mohlape kaofela wa tsubella selomong, wa itihela letsheng, wa shwela metsing.
33. Badisa ba tsona ba baleha, ba ya beha taba tsohle motseng, le tsa ba neng ba ena le bademona.
34. Yaba bohle ba motse ba tswa ho ya kgahlanyetsa Jesu, mme ha ba mmona ba mo rapela hore a tswe naheng ya bona.