19. Setsebi sa Molao sa tla ho yena, sa re: “Moruti, ke tla o latela hohle moo o ka yang teng.”
20. Jesu a re ho sona: “Diphokojwe di na le mesima, dinonyana tse fofang di na le dihlaha, empa Mora Motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.”
21. Jwale e mong wa barutuwa ba hae a re ho yena: “Morena, ako ntumelle ke yo pata ntate pele.”
22. Jesu a re ho yena: “Ntatele, lesa bafu ba pate bafu ba bona.”
23. Jesu a kena ka sekepeng, mme barutuwa ba hae ba mo latela.
24. Ha tsoha sefefo se matla letsheng, hoo sekepe se neng se kwahelwa ke maqhubu, empa yena o ne a robetse.
25. Barutuwa ba atamela, ba mo tsosa, ba re: “Morena, re pholose, re a timela!”
26. A re ho bona: “Le boi keng, lona ba tumelo e fokolang?” A tsoha, a kgalemela meya le letsha, mme ha kgutsa tu!
27. Jwale batho bao ba hlollwa, ba re: “Eo ke ya jwang, ha e le moo a mamelwa le ke meya le letsha?”
28. Hoba Jesu a tshelele mose wane, fatsheng la Bagadara, a kgahlanyetswa ke banna ba babedi ba nang le bademona, ba etswa mabitleng, ba le bohale bo tshabehang; hoo ho neng ho se ya sebete ho feta ka tsela eo.
29. Ba ne ba howa, ba re: “O re kene kang, Mora wa Modimo? Na o tlile kwano ho re hlokofatsa pele ho nako?”
30. Sebakana le bona ho ne ho fula mohlapehadi wa dikolobe.
31. Bademona ba rapela Jesu, ba re: “Ha o re leleka mona, o mpe o re romele mohlapeng wane wa dikolobe.”
32. A re ho bona: “Eyang!” Ba tswa, ba kena dikolobeng, mme mohlape kaofela wa tsubella selomong, wa itihela letsheng, wa shwela metsing.