Matheu 8:15-24 BIBELE (SSO89SO)

15. Jesu a mo ama letsohong, mme feberu ya mo tlohela; a tsoha, a sebeletsa Jesu.

16. Mantsiboya ha tliswa ho Jesu ba bangata ba nang le bademona; yaba o leleka meya eo ka lentswe feela, a fodisa bakudi bohle,

17. hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke moporofeta Esaya, ha a re:“O ipelesitse mahloko a rona,a inkela malwetse a rona.”

18. Ha Jesu a bona letshwele le mo teetseng hare, a laela hore ho tshelelwe mose wane.

19. Setsebi sa Molao sa tla ho yena, sa re: “Moruti, ke tla o latela hohle moo o ka yang teng.”

20. Jesu a re ho sona: “Diphokojwe di na le mesima, dinonyana tse fofang di na le dihlaha, empa Mora Motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.”

21. Jwale e mong wa barutuwa ba hae a re ho yena: “Morena, ako ntumelle ke yo pata ntate pele.”

22. Jesu a re ho yena: “Ntatele, lesa bafu ba pate bafu ba bona.”

23. Jesu a kena ka sekepeng, mme barutuwa ba hae ba mo latela.

24. Ha tsoha sefefo se matla letsheng, hoo sekepe se neng se kwahelwa ke maqhubu, empa yena o ne a robetse.

Matheu 8