Matheu 8:1-20 BIBELE (SSO89SO)

1. Hoba Jesu a theohe thabeng, matshweletshwele a mo latela.

2. Yaba molepera o tla ho yena, o a mo kgumamela, o re: “Morena, ha o rata o ka ntlhwekisa.”

3. Jesu a otlolla letsoho, a mo ama, a re: “Ke a rata, hlweka!” Hanghang lepera la hae la hlwekiswa, a fola.

4. Jesu a re ho yena: “Hlokomela o se bolelle motho, o mpe o yo itlhahisa ho moprista, o ntshe nyehelo e laetsweng ke Moshe, hore e be bopaki ho bona.”

5. Yare ha Jesu a kena Kaperenauma, molaodi wa lebotho la ba lekgolo a tla ho yena, a mo rapela,

6. a re: “Morena, mohlanka wa ka o diphateng ha ka, o shwele ditho, o opelwa habohlokohloko.”

7. Jesu a re ho yena: “Ke tla ya mo fodisa.”

8. Molaodi wa lebotho a mo araba, a re: “Morena, ha ke tshwanelwe ke hore o kene ka tlung ya ka; bua feela, mme mohlanka wa ka o tla fola.

9. Le nna, ke le motho ya taolong ya ba bang, ke na le bahlabani tlasa ka; ha ke re ho e mong: <Eya,> o a ya; le ho e mong: <Tloo,> o a tla; le ho mohlanka wa ka, <Etsa hona,> o a etsa.”

10. Ha Jesu a mo utlwa a makala, a re ho ba mo latetseng: “Ruri ke a le bolella, ha ke eso fumane tumelo e kaalo le Iseraeleng.

11. Ke a le bolella, ba bangata ba tla tswa botjhabela le bophirimela, ba be dijong le Aborahama, Isaka le Jakobo Mmusong wa mahodimo,

12. empa bao e leng ba Mmuso oo ka tswalo ba tla lahlelwa kantle, lefifing, moo ho tla ba teng dillo le ditsikitlano tsa meno.”

13. Yaba Jesu o re ho molaodi wa lebotho: “Eya, o etsetswe jwalokaha o dumetse!”Mohlanka wa hae a fola ka yona nako eo.

14. Ha Jesu a fihla ha Petrose, a bona mohwehadi wa Petrose a le diphateng, a tshwerwe ke feberu.

15. Jesu a mo ama letsohong, mme feberu ya mo tlohela; a tsoha, a sebeletsa Jesu.

16. Mantsiboya ha tliswa ho Jesu ba bangata ba nang le bademona; yaba o leleka meya eo ka lentswe feela, a fodisa bakudi bohle,

17. hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke moporofeta Esaya, ha a re:“O ipelesitse mahloko a rona,a inkela malwetse a rona.”

18. Ha Jesu a bona letshwele le mo teetseng hare, a laela hore ho tshelelwe mose wane.

19. Setsebi sa Molao sa tla ho yena, sa re: “Moruti, ke tla o latela hohle moo o ka yang teng.”

20. Jesu a re ho sona: “Diphokojwe di na le mesima, dinonyana tse fofang di na le dihlaha, empa Mora Motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.”

Matheu 8