Matheu 8:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Hoba Jesu a theohe thabeng, matshweletshwele a mo latela.

2. Yaba molepera o tla ho yena, o a mo kgumamela, o re: “Morena, ha o rata o ka ntlhwekisa.”

3. Jesu a otlolla letsoho, a mo ama, a re: “Ke a rata, hlweka!” Hanghang lepera la hae la hlwekiswa, a fola.

4. Jesu a re ho yena: “Hlokomela o se bolelle motho, o mpe o yo itlhahisa ho moprista, o ntshe nyehelo e laetsweng ke Moshe, hore e be bopaki ho bona.”

5. Yare ha Jesu a kena Kaperenauma, molaodi wa lebotho la ba lekgolo a tla ho yena, a mo rapela,

6. a re: “Morena, mohlanka wa ka o diphateng ha ka, o shwele ditho, o opelwa habohlokohloko.”

7. Jesu a re ho yena: “Ke tla ya mo fodisa.”

8. Molaodi wa lebotho a mo araba, a re: “Morena, ha ke tshwanelwe ke hore o kene ka tlung ya ka; bua feela, mme mohlanka wa ka o tla fola.

9. Le nna, ke le motho ya taolong ya ba bang, ke na le bahlabani tlasa ka; ha ke re ho e mong: <Eya,> o a ya; le ho e mong: <Tloo,> o a tla; le ho mohlanka wa ka, <Etsa hona,> o a etsa.”

10. Ha Jesu a mo utlwa a makala, a re ho ba mo latetseng: “Ruri ke a le bolella, ha ke eso fumane tumelo e kaalo le Iseraeleng.

Matheu 8