Matheu 7:2-12 BIBELE (SSO89SO)

2. hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona, mme kahlolo eo ya lona e tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyetsang ba bang ka yona.

3. “O tadimelang phatsa e ka leihlong la ngwaneno, empa o sa lemohe sekoqo se ka leihlong la hao?

4. Kapa o ka re jwang ho ngwaneno: <Ere ke ntshe phatsa e ka leihlong la hao,> athe sekoqo ke seo ka leihlong la hao?

5. Moikaketsi, ntsha sekoqo se ka leihlong la hao pele, mme ke hona o tla bona hantle ho ntsha phatsa e ka leihlong la ngwaneno.

6. “Se neeng dintja dintho tse halalelang, esere mohlomong tsa reteleha, tsa le harola; leha e le ho lahlela mabenyane a lona a bohlokwa pela dikolobe, esere mohlomong tsa a hatakela ka maoto.

7. “Kopang, le tla fuwa; batlang, le tla fumana; kokotang, le tla bulelwa,

8. hobane mang kapa mang ya kopang o a fuwa, ya batlang o a fumana, mme ya kokotang o a bulelwa.

9. “Ekaba ke mang ho lona, eo ekareng ha mora wa hae a mo kopa bohobe, yaba o mo fa lejwe?

10. Kapa ha a mo kopa tlhapi, ebe o mo fa noha?

11. Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fana ka tse molemo ho bana ba lona, Ntata lona ya mahodimong o tla fana haholo hakaakang ka tse molemo ho ba mo kopang?

12. Ha ho le jwalo, tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona; ke wona Molao le Baporofeta.

Matheu 7