10. Kapa ha a mo kopa tlhapi, ebe o mo fa noha?
11. Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fana ka tse molemo ho bana ba lona, Ntata lona ya mahodimong o tla fana haholo hakaakang ka tse molemo ho ba mo kopang?
12. Ha ho le jwalo, tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona; ke wona Molao le Baporofeta.
13. “Kenang ka kgoro e patisaneng, hobane kgoro e isang timelong e hebehebe, le tsela e yang teng e sephara, mme ba kenang ka yona ba bangata,
14. empa kgoro e isang bophelong e patisane, le tsela e yang teng e boima, mme ba e fumanang ha ba bakae.
15. “Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba ikgakantse eka ke dinku, empa kahare e le diphiri tse harolakang.
16. Le tla ba tseba ka diketso tsa bona. Na batho ba ke ba kge morara meutlweng, kapa difeiye hlabahlabaneng?
17. Ka mokgwa o jwalo, sefate ka seng se monate se beha ditholwana tse monate, empa sefate se sebe se beha ditholwana tse mpe.
18. Sefate se monate se sitwa ho beha ditholwana tse mpe, le ha e le sefate se sebe ho beha ditholwana tse monate.
19. Sefate ka seng se sa beheng ditholwana tse monate se ye se rengwe, se lahlelwe mollong.
20. Ka hona le tla ba tseba ka diketso tsa bona.
21. “Hase mang kapa mang ya reng ho nna: <Morena, Morena,> ya tla kena Mmusong wa mahodimo, empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong.
22. Tsatsing leo ba bangata ba tla re ho nna: <Morena, Morena, na ha re a ka ra porofeta ka lebitso la hao, ra leleka bademona ka lebitso la hao, ra etsa diketso tse ngata, tse hlollang, ka lebitso la hao na?>