Matheu 6:24-34 BIBELE (SSO89SO)

24. “Ha ho motho ya ka sebeletsang marena a mabedi, hobane o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ke ke la sebeletsa Modimo le Leruo.

25. “Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, kapa le tla nwang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang. Ana bophelo ha bo fete dijo, le mmele ha o fete diaparo ka bohlokwa na?

26. Tadimang dinonyana tse fofang: ha di jale, ha di kotule, ha di bokellele disiung, empa Ntata lona ya mahodimong o a di fepa; ana lona ha le di fete hole ka bohlokwa na?

27. Ke mang ho lona eo, ka ho itshwenya, a ka tsebang ho lelefatsa bophelo ba hae, leha e le ka motsotswana feela?

28. “Hape le itshwenyetsang le ka diaparo? Ithuteng ka dikgahla hore na di hola jwang: ha di sebetse ka thata, ha di ohle,

29. empa ke a le bolella, esita le Solomone tlotleng yohle ya hae ha a ka a apara jwaloka e nngwe ya tsona.

30. Ha e le moo Modimo a apesa jwalo jwang ba naha, bo leng teng kajeno, mme kamoso bo lahlelwe seboping, na lona ba tumelo e fokolang, a ke ke a le apesa ho feta?

31. Ha ho le jwalo, le se ke la itshwenya, la re: <Re tla jang? Re tla nwang? Re tla aparang?>

32. Tsena tsohle di labalabelwa ke bahedene; athe Ntata lona ya mahodimong o tseba hore le di hloka tsohle.

33. Jwale batlang Mmuso wa Modimo le ho loka ha hae pele, mme tsena tsohle le tla di ekeletswa.

34. Ka baka leo, le se ke la itshwenya ka la hosasane, hobane la hosasane le tla itshwenya ka tsa lona; letsatsi ka leng le lekanwa ke bothata ba lona.

Matheu 6