24. “Ha ho motho ya ka sebeletsang marena a mabedi, hobane o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ke ke la sebeletsa Modimo le Leruo.
25. “Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, kapa le tla nwang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang. Ana bophelo ha bo fete dijo, le mmele ha o fete diaparo ka bohlokwa na?
26. Tadimang dinonyana tse fofang: ha di jale, ha di kotule, ha di bokellele disiung, empa Ntata lona ya mahodimong o a di fepa; ana lona ha le di fete hole ka bohlokwa na?
27. Ke mang ho lona eo, ka ho itshwenya, a ka tsebang ho lelefatsa bophelo ba hae, leha e le ka motsotswana feela?
28. “Hape le itshwenyetsang le ka diaparo? Ithuteng ka dikgahla hore na di hola jwang: ha di sebetse ka thata, ha di ohle,
29. empa ke a le bolella, esita le Solomone tlotleng yohle ya hae ha a ka a apara jwaloka e nngwe ya tsona.
30. Ha e le moo Modimo a apesa jwalo jwang ba naha, bo leng teng kajeno, mme kamoso bo lahlelwe seboping, na lona ba tumelo e fokolang, a ke ke a le apesa ho feta?