18. hore o se ke wa bonahala ho batho hore o itima dijo, haese ho Ntatao ya leng teng le sephiring, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.
19. “Le se ke la ipokellela matlotlo lefatsheng, moo tshwele le mafoome di senyang, moo mashodu a thuang, a utswe;
20. le mpe le ipokellele matlotlo lehodimong, moo tshwele leha e le mafoome di sa senyeng, moo mashodu a sa thueng, a utswe,
21. hobane moo letlotlo la hao le leng teng, le yona pelo ya hao e tla ba hona teng.
22. “Leihlo ke lebone la mmele. Haeba leihlo la hao le hloka sepha, mmele wohle wa hao o tla ba leseding,
23. empa haeba leihlo la hao le sa loka, mmele wohle wa hao o tla aparelwa ke lefifi. Ha ho le jwalo, ha lesedi le ka ho wena le fetoha lefifi, lefifi e tla ba le lekaakang!
24. “Ha ho motho ya ka sebeletsang marena a mabedi, hobane o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ke ke la sebeletsa Modimo le Leruo.
25. “Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, kapa le tla nwang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang. Ana bophelo ha bo fete dijo, le mmele ha o fete diaparo ka bohlokwa na?
26. Tadimang dinonyana tse fofang: ha di jale, ha di kotule, ha di bokellele disiung, empa Ntata lona ya mahodimong o a di fepa; ana lona ha le di fete hole ka bohlokwa na?
27. Ke mang ho lona eo, ka ho itshwenya, a ka tsebang ho lelefatsa bophelo ba hae, leha e le ka motsotswana feela?
28. “Hape le itshwenyetsang le ka diaparo? Ithuteng ka dikgahla hore na di hola jwang: ha di sebetse ka thata, ha di ohle,
29. empa ke a le bolella, esita le Solomone tlotleng yohle ya hae ha a ka a apara jwaloka e nngwe ya tsona.
30. Ha e le moo Modimo a apesa jwalo jwang ba naha, bo leng teng kajeno, mme kamoso bo lahlelwe seboping, na lona ba tumelo e fokolang, a ke ke a le apesa ho feta?