Matheu 6:1-19 BIBELE (SSO89SO)

1. “Hlokomelang hore le se ke la etsa mesebetsi ya lona ya bodumedi pontsheng ho batho, hore ba le babatse; haeba le etsa jwalo ha le na ho ba le moputso o tswang ho Ntata lona ya mahodimong.

2. “Ha ho le jwalo, ha o etsetsa mafutsana thuso, o se ke wa ipolela, jwalokaha baikaketsi ba etsa matlung a thapelo le ditseleng tsa motse, hore ba tlotliswe ke batho; kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona.

3. Empa ha o thusa mafutsana, letsoho la hao le letshehadi le se ke la tseba se etswang ke le letona,

4. thuso ena ya hao e be ya sephiri, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.

5. “Hape ha le rapela, le se ke la etsisa baikaketsi, ba ratang ho rapela ba eme matlung a thapelo le mabaleng a motse, hore ba bonahale ho batho; kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona.

6. Empa wena ha o rapela, kena ka kamoreng ya hao, o kwale monyako, o rapele Ntatao ya leng teng le sephiring, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.

7. Jwale ha le rapela le se ke la ya lolololo jwaloka bahedene, ba hopolang hore ba tla utluwa ka baka la mantswe a bona a mangata.

8. Le se ke la ba etsisa, hobane Ntata lona o sa ntsa tseba tseo le di hlokang, le eso mo kope.

9. “Ha ho le jwalo, lona rapelang tjena:“ <Ntata rona ya mahodimong,lebitso la hao le halaletswe;

10. Mmuso wa hao o tle;thato ya hao e etswe lefatshengjwaloka lehodimong.

11. O re fe kajeno bohobe ba ronaba tsatsi le leng le le leng;

12. o re tshwarele ditshito tsa rona,jwalokaha le rona re tshwarelaba re sitetsweng;

13. o re phemise ho kena molekong,o mpe o re lopolle bobeng,hobane Mmuso ke wa hao,le matla, le tlotla,kamehla le mehla. Amen.>

14. “Ha le tshwarela batho diphoso tsa bona, le lona Ntata lona ya mahodimong o tla le tshwarela;

15. athe ha le sa tshwarele batho, Ntata lona le yena a ke ke a le tshwarela diphoso tsa lona.

16. “Ha le itima dijo, le se ke la itlhonamisa jwaloka baikaketsi; ba sosobanya difahleho, hore ba bonahale ho batho hore ba itima dijo. Kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona.

17. Empa wena ha o itima dijo, o iphotle, o itlotse hlooho,

18. hore o se ke wa bonahala ho batho hore o itima dijo, haese ho Ntatao ya leng teng le sephiring, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.

19. “Le se ke la ipokellela matlotlo lefatsheng, moo tshwele le mafoome di senyang, moo mashodu a thuang, a utswe;

Matheu 6