Matheu 5:41-48 BIBELE (SSO89SO)

41. mme ya o qophellang ho tsamaya le yena mehato e sekete, o ye le yena mehato e kete di pedi.

42. Fa ya o kopang, mme o se ke wa furalla ya ratang ho adima ho wena.

43. “Le utlwile hore ho ile ha thwe: <Rata wa heno, o hloye sera sa hao.>

44. Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le rapelle ba le hlorisang,

45. hore le be bana ba Ntata lona ya mahodimong, hobane o tjhabisetsa ba kgopo le ba molemo letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba sa lokang pula.

46. Haeba le rata ba le ratang feela, le ka ba le moputso wa eng? Ana balekgetho le bona ha ba etse jwalo na?

47. Le teng haeba le dumedisa bana babo lona feela, le feta ba bang ka eng? Ana bahedene le bona ha ba etse jwalo na?

48. Ha ho le jwalo, phethehang jwalokaha Ntata lona ya mahodimong a phethehile.

Matheu 5