4. Ho lehlohonolo ba mahlomoleng,hobane ba tla tshediswa.
5. Ho lehlohonolo ba mosa,hobane lefatshee tla ba lefa la bona.
6. Ho lehlohonoloba lapetseng ho loka,ba ho nyoretsweng,hobane ba tla kgotsofatswa.
7. Ho lehlohonolo ba mohau,hobane ba tla hauhelwa.
8. Ho lehlohonoloba pelo di hlwekileng,hobane ba tla bona Modimo.
9. HO lehlohonolo ba bopang kgotso,hobane ba tla bitswabana ba Modimo.
10. Ho lehlohonoloba hlorisetswang ho loka,hobane Mmuso wa mahodimoke wa bona.
11. “Le lehlohonolo ha le hlapaolwa, le hloriswa, le etseletswa ka mekgwa yohle ka baka la ka.
12. Thabang, le nyakalle, hobane moputso wa lona o moholo mahodimong; etswe baporofeta ba bileng teng pele ho lona ba hlorisitswe jwalo.”
13. “Le letswai la lefatshe, empa ha letswai le ka tapa, le ka tswaifatswa kang? Ha le sa na thuso, haese hore le lahlelwe kantle, le hatakelwe ke batho.
14. “Le lesedi la lefatshe. Motse o hahilweng hodima thaba o sitwa ho pateha;
15. lebone le lona ha le ke be le hotetswe le kwahelwe ka nkgo, empa le bewa sedulwaneng sa lona, le kgantshetse bohle ba ka tlung.
16. Lesedi la lona le ke le kganyetse batho jwalo, ba tle ba bone mesebetsi e metle ya lona, ba be ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.”
17. “Le se ke la nahana hore ke tlile ho fedisa Molao kapa Baporofeta; ha ke a tla ho di fedisa, ke mpa ke tlile ho di phethahatsa.
18. Kannete ke a le bolella: ho fihlela lehodimo le lefatshe di fela, ha ho ka ke ha fetoha tlhakunyana e le nngwe leha e le letshwaonyana le le leng Molaong, ho fihlela tsohle di etsahala.
19. Ha ho le jwalo, mang le mang ya tlolang leha e le nngwe ya ditaelo tsena tse nyenyane, mme a ruta batho ho etsa jwalo, o tla bitswa e monyenyane Mmusong wa mahodimo, empa mang le mang ya di phethang, mme a di ruta, yena o tla bitswa e moholo Mmusong wa mahodimo.
20. Ke a le bolella, ha ho loka ha lona ho sa fete ha Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, ha le ka ke la kena Mmusong wa mahodimo.
21. “Le utlwile hore ho ile ha thwe ho ba boholoholo: <O se ke wa bolaya; mang le mang ya bolayang o tla tshwanelwa ke kahlolo.>
22. Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya halefelang ngwanabo o tla tshwanelwa ke kahlolo, mme ya reng ho ngwanabo: <Sethoto towe!> o tla tshwanelwa ke ho iswa kgotla; ha e le ya reng: <Tseketseke towe!> o tla tshwanelwa ke ho ya mollong wa dihele.