Matheu 5:28-44 BIBELE (SSO89SO)

28. Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya tadimang mosadi ka ho mo lakatsa o se a mo febile pelong ya hae.

29. Haeba leihlo la hao le letona le o dihela sebeng, le honye, o le lahle, hobane ho molemo ho wena ha ho ka timela setho se le seng sa hao, ho ena le hore mmele wohle wa hao o lahlelwe diheleng,

30. mme haeba letsoho la hao le letona le o dihela sebeng, le pome, o le lahle, hobane ho molemo ho wena ha ho ka timela setho se le seng sa hao, ho ena le hore mmele wohle wa hao o ye diheleng.

31. “Ho ile ha thwe: <Mang le mang ya hlalang mosadi wa hae a mo fe lengolo la tlhalo.>

32. Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya hlalang mosadi wa hae, haese ka taba ya bohlola, o a mo febisa, mme ya nyalang mosadi ya hladilweng o a feba.

33. “Le utlwile hape hore ho ile ha thwe ho ba boholoholo: <O se ke wa ikana ka leshano, o mpe o phethe dikano tsa hao ho Morena.>

34. Empa nna ke re ho lona: Le se ke la hlapanya le hanyenyane, leha e le ka lehodimo, kahobane ke terone ya Modimo;

35. leha e le ka lefatshe, kahobane ke bonamelo ba maoto a hae; leha e le ka Jerusalema, kahobane ke motse wa Kgosi e kgolo;

36. leha e le ka hlooho ya hao, kahobane o sitwa ho sweufatsa kapa ho ntshofatsa qoba leha e le nngwe ya moriri.

37. Ha le re <e>, le re <e>; ha le re <tjhe>, le re <tjhe>; ha e le ho fetang hoo, ho tswa ho E Mobe.

38. “Le utlwile hore ho ile ha thwe: <Leihlo le tla phetetswa ka leihlo, leino ka leino!>

39. Empa nna ke re ho lona: Le se ka la hanyetsa motho e mobe, empa ya o jabelang lerameng le letona, o mo retelletse le le letshehadi;

40. ya ratang ho o qosa le ho nka seaparo sa hao, o mo tlohelle le yona kobo,

41. mme ya o qophellang ho tsamaya le yena mehato e sekete, o ye le yena mehato e kete di pedi.

42. Fa ya o kopang, mme o se ke wa furalla ya ratang ho adima ho wena.

43. “Le utlwile hore ho ile ha thwe: <Rata wa heno, o hloye sera sa hao.>

44. Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le rapelle ba le hlorisang,

Matheu 5