19. Ha ho le jwalo, mang le mang ya tlolang leha e le nngwe ya ditaelo tsena tse nyenyane, mme a ruta batho ho etsa jwalo, o tla bitswa e monyenyane Mmusong wa mahodimo, empa mang le mang ya di phethang, mme a di ruta, yena o tla bitswa e moholo Mmusong wa mahodimo.
20. Ke a le bolella, ha ho loka ha lona ho sa fete ha Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, ha le ka ke la kena Mmusong wa mahodimo.
21. “Le utlwile hore ho ile ha thwe ho ba boholoholo: <O se ke wa bolaya; mang le mang ya bolayang o tla tshwanelwa ke kahlolo.>
22. Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya halefelang ngwanabo o tla tshwanelwa ke kahlolo, mme ya reng ho ngwanabo: <Sethoto towe!> o tla tshwanelwa ke ho iswa kgotla; ha e le ya reng: <Tseketseke towe!> o tla tshwanelwa ke ho ya mollong wa dihele.
23. “Ha ho le jwalo, ha o nyehela ka mpho ya hao aletareng, mme teng o hopola hore ngwaneno o na le disuwa le wena,
24. siya mpho ya hao moo pela aletare, o yo boelana le ngwaneno pele, o ntano kgutla ho tla nyehela ka mpho ya hao.
25. “O utlwane kapelepele le eo le tsekisanang le yena le sa ntse le le tseleng, esere mohlomong ya o tsekisang a o neela moahlodi, moahlodi a o neela lepolesa, wa hlahlelwa tjhankaneng;
26. kannete ke a o bolella, ha o ka ke wa tswa teng ho fihlela ha o lefile tjheletana ya ho qetela.
27. “Le utlwile hore ho ile ha thwe: <O se ke wa feba.>
28. Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya tadimang mosadi ka ho mo lakatsa o se a mo febile pelong ya hae.
29. Haeba leihlo la hao le letona le o dihela sebeng, le honye, o le lahle, hobane ho molemo ho wena ha ho ka timela setho se le seng sa hao, ho ena le hore mmele wohle wa hao o lahlelwe diheleng,
30. mme haeba letsoho la hao le letona le o dihela sebeng, le pome, o le lahle, hobane ho molemo ho wena ha ho ka timela setho se le seng sa hao, ho ena le hore mmele wohle wa hao o ye diheleng.