Matheu 5:14-26 BIBELE (SSO89SO)

14. “Le lesedi la lefatshe. Motse o hahilweng hodima thaba o sitwa ho pateha;

15. lebone le lona ha le ke be le hotetswe le kwahelwe ka nkgo, empa le bewa sedulwaneng sa lona, le kgantshetse bohle ba ka tlung.

16. Lesedi la lona le ke le kganyetse batho jwalo, ba tle ba bone mesebetsi e metle ya lona, ba be ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.”

17. “Le se ke la nahana hore ke tlile ho fedisa Molao kapa Baporofeta; ha ke a tla ho di fedisa, ke mpa ke tlile ho di phethahatsa.

18. Kannete ke a le bolella: ho fihlela lehodimo le lefatshe di fela, ha ho ka ke ha fetoha tlhakunyana e le nngwe leha e le letshwaonyana le le leng Molaong, ho fihlela tsohle di etsahala.

19. Ha ho le jwalo, mang le mang ya tlolang leha e le nngwe ya ditaelo tsena tse nyenyane, mme a ruta batho ho etsa jwalo, o tla bitswa e monyenyane Mmusong wa mahodimo, empa mang le mang ya di phethang, mme a di ruta, yena o tla bitswa e moholo Mmusong wa mahodimo.

20. Ke a le bolella, ha ho loka ha lona ho sa fete ha Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, ha le ka ke la kena Mmusong wa mahodimo.

21. “Le utlwile hore ho ile ha thwe ho ba boholoholo: <O se ke wa bolaya; mang le mang ya bolayang o tla tshwanelwa ke kahlolo.>

22. Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya halefelang ngwanabo o tla tshwanelwa ke kahlolo, mme ya reng ho ngwanabo: <Sethoto towe!> o tla tshwanelwa ke ho iswa kgotla; ha e le ya reng: <Tseketseke towe!> o tla tshwanelwa ke ho ya mollong wa dihele.

23. “Ha ho le jwalo, ha o nyehela ka mpho ya hao aletareng, mme teng o hopola hore ngwaneno o na le disuwa le wena,

24. siya mpho ya hao moo pela aletare, o yo boelana le ngwaneno pele, o ntano kgutla ho tla nyehela ka mpho ya hao.

25. “O utlwane kapelepele le eo le tsekisanang le yena le sa ntse le le tseleng, esere mohlomong ya o tsekisang a o neela moahlodi, moahlodi a o neela lepolesa, wa hlahlelwa tjhankaneng;

26. kannete ke a o bolella, ha o ka ke wa tswa teng ho fihlela ha o lefile tjheletana ya ho qetela.

Matheu 5