11. “Le lehlohonolo ha le hlapaolwa, le hloriswa, le etseletswa ka mekgwa yohle ka baka la ka.
12. Thabang, le nyakalle, hobane moputso wa lona o moholo mahodimong; etswe baporofeta ba bileng teng pele ho lona ba hlorisitswe jwalo.”
13. “Le letswai la lefatshe, empa ha letswai le ka tapa, le ka tswaifatswa kang? Ha le sa na thuso, haese hore le lahlelwe kantle, le hatakelwe ke batho.
14. “Le lesedi la lefatshe. Motse o hahilweng hodima thaba o sitwa ho pateha;
15. lebone le lona ha le ke be le hotetswe le kwahelwe ka nkgo, empa le bewa sedulwaneng sa lona, le kgantshetse bohle ba ka tlung.
16. Lesedi la lona le ke le kganyetse batho jwalo, ba tle ba bone mesebetsi e metle ya lona, ba be ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.”
17. “Le se ke la nahana hore ke tlile ho fedisa Molao kapa Baporofeta; ha ke a tla ho di fedisa, ke mpa ke tlile ho di phethahatsa.
18. Kannete ke a le bolella: ho fihlela lehodimo le lefatshe di fela, ha ho ka ke ha fetoha tlhakunyana e le nngwe leha e le letshwaonyana le le leng Molaong, ho fihlela tsohle di etsahala.