Matheu 28:9-15 BIBELE (SSO89SO)

9. Jesu a teana le bona, a re: “Dumelang!” Ba atamela, mme ba mo tshwara maoto, ba mo kgumamela.

10. Yaba Jesu o re ho bona: “Se tshabeng, eyang le tsebise bana beso hore ba ye Galelea, mme ba tla mpona teng.”

11. Ha basadi ba ntse ba eya, ba bang ba balebedi ba ya motseng, mme ba tsebisa baprista ba baholo tsohle tse etsahetseng.

12. Ba phutheha le baholo, mme ha ba se ba rerisane, ba nea bahlabani tjhelete e ngata,

13. ba re: “Le tle le re: <Barutuwa ba hae ba ile ba tla bosiu, mme ba mo utswa ha re ntse re robetse.>

14. Haeba taba ena e ka fihla ditsebeng tsa mmusisi re tla mo kgodisa, hore a se ke a le kgathatsa.”

15. Bahlabani ba amohela tjhelete, mme ba etsa kamoo ba lailweng kateng. Polelo ena ya tumiswa hara Bajuda ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.

Matheu 28