8. Ba tloha kapele lebitleng, ka tshabo le ka thabo e kgolo, ba matha ho ya tsebisa barutuwa ba hae.
9. Jesu a teana le bona, a re: “Dumelang!” Ba atamela, mme ba mo tshwara maoto, ba mo kgumamela.
10. Yaba Jesu o re ho bona: “Se tshabeng, eyang le tsebise bana beso hore ba ye Galelea, mme ba tla mpona teng.”
11. Ha basadi ba ntse ba eya, ba bang ba balebedi ba ya motseng, mme ba tsebisa baprista ba baholo tsohle tse etsahetseng.
12. Ba phutheha le baholo, mme ha ba se ba rerisane, ba nea bahlabani tjhelete e ngata,
13. ba re: “Le tle le re: <Barutuwa ba hae ba ile ba tla bosiu, mme ba mo utswa ha re ntse re robetse.>
14. Haeba taba ena e ka fihla ditsebeng tsa mmusisi re tla mo kgodisa, hore a se ke a le kgathatsa.”
15. Bahlabani ba amohela tjhelete, mme ba etsa kamoo ba lailweng kateng. Polelo ena ya tumiswa hara Bajuda ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.
16. Barutuwa ba leshome le motso o mong ba ya Galelea, thabeng eo Jesu a neng a ba laetse ho ya ho yona.
17. Ha ba mmona, ba mo kgumamela, empa ba bang ba belaela.
18. Jesu a atamela, a bua le bona, a re: “Ke neilwe matla wohle lehodimong le lefatsheng.
19. Eyang ke hona le ditjhaba tsohle, le di etse barutuwa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang,
20. le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.”