3. Sebopeho sa lona se ne se ka lehadima, mme seaparo sa lona se ne se le sesweu jwaloka lehlwa.
4. Balebedi ba thothomela ke ho tshaba, ba eba jwaloka bafu.
5. Lengeloi la re ho basadi: “Lona le se ke la tshoha; ke a tseba hore le batla Jesu ya thakgisitsweng.
6. Ha a yo mona, hobane o tsohile, jwalokaha a ne a bolele. Tloong, le bone sebaka seo a neng a le ho sona.
7. Le phakise le yo bolella barutuwa ba hae, le re: <O tsohile bafung, mme o le etella pele ho ya Galelea; le tla mmona teng.> Jwale ke le boleletse.”
8. Ba tloha kapele lebitleng, ka tshabo le ka thabo e kgolo, ba matha ho ya tsebisa barutuwa ba hae.
9. Jesu a teana le bona, a re: “Dumelang!” Ba atamela, mme ba mo tshwara maoto, ba mo kgumamela.
10. Yaba Jesu o re ho bona: “Se tshabeng, eyang le tsebise bana beso hore ba ye Galelea, mme ba tla mpona teng.”
11. Ha basadi ba ntse ba eya, ba bang ba balebedi ba ya motseng, mme ba tsebisa baprista ba baholo tsohle tse etsahetseng.
12. Ba phutheha le baholo, mme ha ba se ba rerisane, ba nea bahlabani tjhelete e ngata,