Matheu 28:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha Sabatha se fetile, ho hlaha mafube a letsatsi le qalang beke, Maria wa Magadala le Maria e mong ba tla ho bona lebitla.

2. Bonang, tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng, hobane lengeloi la Morena le ne le ile la theoha lehodimong, la fihla, la phikolosa lejwe, mme la dula hodima lona.

3. Sebopeho sa lona se ne se ka lehadima, mme seaparo sa lona se ne se le sesweu jwaloka lehlwa.

4. Balebedi ba thothomela ke ho tshaba, ba eba jwaloka bafu.

Matheu 28