Matheu 27:7-20 BIBELE (SSO89SO)

7. Yare hoba ba rere, ba reka tshimo ya sebopi sa dipitsa ka tsona, e tle e be moo ho epelwang baditjhaba teng.

8. Ka baka leo, tshimo eo e bitswa Tshimo ya Madi le kajeno-ya-bokajeno.

9. Yaba ho phethahala ho boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re: “Ba nka ditjhelete tsa silefera tse mashome a mararo; theko ya ya ileng a beelwa theko, eo ba bang ba bana ba Iseraele ba ileng ba mmeela theko,

10. ba fana ka tsona ho reka tshimo ya sebopi sa dipitsa, jwalokaha Morena a ile a ntaela.”

11. Jwale Jesu a emiswa pela mmusisi; mmusisi a mmotsa, a re: “Na o kgosi ya Bajuda?”Jesu a re: “Wena o rialo.”

12. Ha a ntse a qoswa ke baprista ba baholo le ke baholo, ha a a ka a araba letho.

13. Yaba Pilato o re ho yena: “Na ha o utlwe bopaki bo bokaalekaale boo ba o qosang ka bona?”

14. Empa ha a a ka a mo araba leha e le polelong e le nngwe, hoo mmusisi a bileng a makala ka ho fetisisa.

15. Ka mokete mmusisi o ne a tlwaetse ho lokollela letshwele motshwaruwa e mong, eo le mo ratang.

16. Ka nako eo ba ne ba ena le motshwaruwa ya tumileng ka bokgopo, ya bitswang Barabase.

17. Jwale ha ba phuthehile, Pilato a re ho bona: “Le rata ha ke le lokollela ofe, Barabase kapa Jesu ya bitswang Kreste?”

18. O ne a tseba hore ba neelane ka yena ka baka la mona.

19. Yare a sa dutse setulong sa boahlodi, mohatsa hae a romela ho yena, a re: “O se ke wa ba le taba le motho eo ya lokileng, hobane ke ile ka tshwenyeha habohloko kajeno ha ke lora.”

20. Empa baprista ba baholo le baholo ba hlohlelletsa letshwele hore le kope Barabase, Jesu yena a bolawe.

Matheu 27