Matheu 27:61-66 BIBELE (SSO89SO)

61. Maria wa Magadala le Maria e mong ba ne ba le moo, ba dutse malebana le lebitla.

62. Ka la hosasane, e leng letsatsi le hlahlamang la tlhekelo, baprista ba baholo le Bafarisi ba phuthehela ho Pilato,

63. ba re: “Morena, re hopotse hore mothetsi yane ha a sa phela, o ile a re: <Ke tla tsoha kamora matsatsi a mararo.>

64. Ka baka leo, ako laele hore lebitla le lebelwe ka thata ho fihlela letsatsi la boraro, esere mohlomong barutuwa ba hae ba tla mo utswa, mme ba re ho setjhaba: <O tsohile bafung!> Leshano lena la morao le tla ba lebe ho feta la pele.”

65. Pilato a re ho bona: “Nkang balebedi, le yo lebela ka thata jwalokaha le tseba.”

66. Ba ya, ba tiisa lejwe la lebitla ka letshwao la bona, ba siya balebedi ho le lebela ka thata.

Matheu 27