54. Yare ha molaodi wa ba lekgolo le ba lebetseng Jesu le yena ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse etsahalang, ba tshoha haholo, ba re: “Kannete enwa e ne e le Mora wa Modimo.”
55. Jwale basadi ba bangata, ba neng ba ile ba latela Jesu ho tloha Galelea, ba ntse ba mo sebeletsa, ba ne ba le teng, ba tadimile ba le thokwana;
56. hara bona ho ena le Maria wa Magadala, Maria mma Jakobo le Josefa, le mohatsa Sebedea.
57. Mantsiboya ha tla monna wa morui ya bitswang Josefa wa Arimathea, eo le yena e neng e le morutuwa wa Jesu.
58. A ya ho Pilato, mme a kopa setopo sa Jesu. Yaba Pilato o laela hore a se newe.
59. Josefa a nka setopo, a se phuthela ka lesela le hlwekileng,
60. a se bea ka lebitleng la hae le letjha leo a neng a le betlile lefikeng, mme hoba a phikolosetse lejwe le leholo monyako wa lebitla, a tloha.
61. Maria wa Magadala le Maria e mong ba ne ba le moo, ba dutse malebana le lebitla.
62. Ka la hosasane, e leng letsatsi le hlahlamang la tlhekelo, baprista ba baholo le Bafarisi ba phuthehela ho Pilato,
63. ba re: “Morena, re hopotse hore mothetsi yane ha a sa phela, o ile a re: <Ke tla tsoha kamora matsatsi a mararo.>
64. Ka baka leo, ako laele hore lebitla le lebelwe ka thata ho fihlela letsatsi la boraro, esere mohlomong barutuwa ba hae ba tla mo utswa, mme ba re ho setjhaba: <O tsohile bafung!> Leshano lena la morao le tla ba lebe ho feta la pele.”