Matheu 27:40-54 BIBELE (SSO89SO)

40. ba re: “Wena ya qhaqhang Tempele, mme o e tsose ka matsatsi a mararo, ipholose he! Haeba o le Mora wa Modimo, theoha sefapanong!”

41. Ka mokgwa o jwalo le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, le baholo ba mo soma, ba re:

42. “O pholositse ba bang, empa yena o sitwa ho ipholosa; ke kgosi ya Iseraele, ha a ke a theohe sefapanong jwale, mme re tla dumela ho yena.

43. O tshepile Modimo, ha a ke a mo namolele jwale, haeba a mo rata; hobane o itse: <Nna ke Mora wa Modimo!> ”

44. Ka mokgwa o jwalo le tsona dinokwane tse thakgisitsweng le yena tsa mo hlapaola.

45. Ho tloha ka hora ya leshome le metso e mmedi lefifi la aparela lefatshe lohle ho fihlela ka hora ya boraro.

46. Yare ha e batla e eba hora ya boraro, Jesu a meketsa ka lentswe le phahameng, a re: “Eli, Eli, lema sabakthani?” ke ho re: “Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng na?”

47. Yare ha ba bang ba neng ba eme moo ba utlwa, ba re: “O bitsa Elia.”

48. E mong wa bona a phakisa a matha, a nka semonyametsi, a se kenya aseneng, a se hloma leqaleng, mme a mo nea hore a nwe.

49. Ba bang bona ba re: “Lesang, re ke re bone hore na Elia o tla mo pholosa.”

50. Jesu a boela a meketsa ka lentswe le phahameng, mme a neela moya.

51. Bonang, lesira la Tempele la taboha ka lehare, ho tloha hodimo ho isa tlase, lefatshe la sisinyeha, mafika a petsoha,

52. mabitla a buleha, ditopo tsa bahalaledi ba bangata ba ithobaletseng tsa tsoha;

53. ba tswa mabitleng kamora tsoho ya Jesu, ba kena motseng o halalelang, ba bonwa ke ba bangata.

54. Yare ha molaodi wa ba lekgolo le ba lebetseng Jesu le yena ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse etsahalang, ba tshoha haholo, ba re: “Kannete enwa e ne e le Mora wa Modimo.”

Matheu 27