Matheu 27:31-40 BIBELE (SSO89SO)

31. Ha ba se ba mo somme, ba mo hlobodisa kobo eo, ba mo apesa diaparo tsa hae, mme ba mo qhoba ho ya mo thakgisa.

32. Yare ha ba etswa, ba teana le monna wa Sirene, ya bitswang Simone; ba mo qobella ho jara sefapano sa Jesu.

33. Ha ba fihlile sebakeng se bitswang Gologotha, e leng ho bolela Sebaka sa Lehata,

34. ba mo nea veine e tswakilweng le nyooko hore a e nwe, empa hoba a e latswe, a hana ho e nwa.

35. Yare hoba ba mo thakgise, ba arolelana diaparo tsa hae ka lotho,

36. ba nto dula moo, ba mo lebela.

37. Kahodimo ho hlooho ya hae ba maneha lengolo le bolelang molato wa hae, le reng: ENWA KE JESU, KGOSI YA BAJUDA.

38. Dinokwane tse pedi tsa thakgiswa le yena, se seng ka letsohong le letona, se seng ka ho le letshehadi.

39. Ba fetang ka tsela ba mo nyefola, ba ntse ba sisinya dihlooho,

40. ba re: “Wena ya qhaqhang Tempele, mme o e tsose ka matsatsi a mararo, ipholose he! Haeba o le Mora wa Modimo, theoha sefapanong!”

Matheu 27