Matheu 27:3-14 BIBELE (SSO89SO)

3. Yare ha Judase, ya ekileng Jesu, a bona hore o se a ahloletswe lefu, a ikwahlaya, a busetsa ditjhelete tsa silefera tse mashome a mararo ho baprista ba baholo, le baholo,

4. a re: “Ke sitilwe ka ho eka madi a se nang molato.”Empa ba re: “Hoo ho re ama kang? Ke tabeng ya hao!”

5. Hoba a akgele ditjhelete tseo ka Tempeleng, a tloha, a ya iphenetha.

6. Baprista ba baholo ba nka ditjhelete tseo, ba re: “Ha ho dumellehe hore di kenngwe polokelong ya ditjhelete tsa Tempele, hobane ke tsa theko ya madi.”

7. Yare hoba ba rere, ba reka tshimo ya sebopi sa dipitsa ka tsona, e tle e be moo ho epelwang baditjhaba teng.

8. Ka baka leo, tshimo eo e bitswa Tshimo ya Madi le kajeno-ya-bokajeno.

9. Yaba ho phethahala ho boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re: “Ba nka ditjhelete tsa silefera tse mashome a mararo; theko ya ya ileng a beelwa theko, eo ba bang ba bana ba Iseraele ba ileng ba mmeela theko,

10. ba fana ka tsona ho reka tshimo ya sebopi sa dipitsa, jwalokaha Morena a ile a ntaela.”

11. Jwale Jesu a emiswa pela mmusisi; mmusisi a mmotsa, a re: “Na o kgosi ya Bajuda?”Jesu a re: “Wena o rialo.”

12. Ha a ntse a qoswa ke baprista ba baholo le ke baholo, ha a a ka a araba letho.

13. Yaba Pilato o re ho yena: “Na ha o utlwe bopaki bo bokaalekaale boo ba o qosang ka bona?”

14. Empa ha a a ka a mo araba leha e le polelong e le nngwe, hoo mmusisi a bileng a makala ka ho fetisisa.

Matheu 27