24. Yare ha Pilato a bona hore ha ho thuse letho, lerata le mpa le eketseha, a nka metsi, a hlapa matsoho pontsheng ya letshwele, a re: “Ha ke na molato mading a motho enwa; ke tabeng ya lona!”
25. Setjhaba sohle sa arabela, sa re: “Madi a hae a botswe rona le bana ba rona!”
26. Jwale a ba lokollela Barabase; hoba a laele hore Jesu a shapuwe, a neelana ka yena hore a thakgiswe.
27. Jwale bahlabani ba mmusisi ba isa Jesu tlung ya bobusisi, ba nto mmokellela lebotho lohle.
28. Ba mo hlobodisa, ba mo apesa kobo e kgubedu,
29. ba loha mofapahlooho ka meutlwa, ba mo rwesa wona, ba mo tshwarisa leqala ka letsoho le letona, ba kgumama pela hae, ba mo soma, ba re: “Ahe! Kgosi ya Bajuda!”
30. Ba mo tshwela ka mathe, ba nka leqala, ba mmata hloohong.
31. Ha ba se ba mo somme, ba mo hlobodisa kobo eo, ba mo apesa diaparo tsa hae, mme ba mo qhoba ho ya mo thakgisa.
32. Yare ha ba etswa, ba teana le monna wa Sirene, ya bitswang Simone; ba mo qobella ho jara sefapano sa Jesu.