17. Jwale ha ba phuthehile, Pilato a re ho bona: “Le rata ha ke le lokollela ofe, Barabase kapa Jesu ya bitswang Kreste?”
18. O ne a tseba hore ba neelane ka yena ka baka la mona.
19. Yare a sa dutse setulong sa boahlodi, mohatsa hae a romela ho yena, a re: “O se ke wa ba le taba le motho eo ya lokileng, hobane ke ile ka tshwenyeha habohloko kajeno ha ke lora.”
20. Empa baprista ba baholo le baholo ba hlohlelletsa letshwele hore le kope Barabase, Jesu yena a bolawe.
21. Mmusisi a re ho bona: “Le rata ha ke le lokollela ofe ho bao ba babedi?”Ba re: “Barabase!”
22. Pilato a re ho bona: “Jwale ke etse jwang ka Jesu ya bitswang Kreste?”Bohle ba re: “A thakgiswe!”
23. A re: “Empa o entse bobe bofe?”Ba eketsa ba howa, ba re: “A thakgiswe!”