14. Empa ha a a ka a mo araba leha e le polelong e le nngwe, hoo mmusisi a bileng a makala ka ho fetisisa.
15. Ka mokete mmusisi o ne a tlwaetse ho lokollela letshwele motshwaruwa e mong, eo le mo ratang.
16. Ka nako eo ba ne ba ena le motshwaruwa ya tumileng ka bokgopo, ya bitswang Barabase.
17. Jwale ha ba phuthehile, Pilato a re ho bona: βLe rata ha ke le lokollela ofe, Barabase kapa Jesu ya bitswang Kreste?β
18. O ne a tseba hore ba neelane ka yena ka baka la mona.
19. Yare a sa dutse setulong sa boahlodi, mohatsa hae a romela ho yena, a re: βO se ke wa ba le taba le motho eo ya lokileng, hobane ke ile ka tshwenyeha habohloko kajeno ha ke lora.β