66. Le reng?”Ba mo araba, ba re: “O tshwanelwa ke lefu.”
67. Yaba ba mo tshwela ka mathe sefahlehong, ba mo otla ka ditebele, ba bang bona ba mo jabela,
68. ba re: “Re porofetele, Kreste: Ke mang ya o otlileng?”
69. Petrose o ne a dutse kantle, lebaleng; lekgabunyane le leng la tla ho yena, la re: “Le wena o ne o ena le Jesu wa Galelea.”
70. A mo latola pela bohle, a re: “Ha ke tsebe seo o se bolelang.”
71. Yare ha a etswa monyako, lekgabunyane le leng hape la mmona, la re ho ba neng ba le moo: “Enwa o ne a ena le Jesu wa Nasaretha.”
72. A hlapanya, a mo latola hape, a re: “Motho eo ha ke mo tsebe.”
73. Hamoraonyana, ba emeng moo ba tla ho Petrose, ba re: “Kannete le wena o e mong wa bona, hobane le puo ya hao e a o paka.”
74. Ya eba moo a qalang ho rohakana le ho hlapanya, a re: “Motho eo ha ke mo tsebe!” Hanghang mokoko wa lla.
75. Petrose a hopola polelo ya Jesu ha a itse ho yena: “Mokoko o eso lle, o tla be o ntatotse hararo.” A tswela kantle, a lla habohloko.