Matheu 26:57-72 BIBELE (SSO89SO)

57. Yaba ba tshwereng Jesu ba mo isa ho Moprista e Moholo, Kaiafa, moo Ditsebi tsa Molao le baholo ba neng ba phuthehetse teng.

58. Petrose a mo latela a le sebakana ho ya fihla ha Moprista e Moholo, mme hoba a kene, a dula le bahlanka ho bona pheletso.

59. Baprista ba baholo le lekgotla lohle ba batla bopaki ba leshano bo ka tswang Jesu hore ba tle ba mmolaye,

60. empa ha ba a ka ba bo fumana, le hoja dipaki tsa leshano di ile tsa tla ka bongata.Qetellong ha tla tse pedi,

61. tsa re: “Motho enwa o itse: <Nka qhaqha Tempele ya Modimo, mme ka e tsosa ka matsatsi a mararo.> ”

62. Moprista e Moholo a ema, a re: “Na ha o arabe letho hodima tseo ba o qosang ka tsona?”

63. Empa Jesu a kgutsa.Moprista e Moholo a re ho yena: “Ke re o hlapanye ka Modimo ya phelang, o re bolelle hore na o Kreste, Mora Modimo.”

64. Jesu a re: “Wena o rialo. Empa ke a le bolella, ke re:“Ho tloha jwalele tla bona Mora Mothoa dutse letsohong le letonala Ya Matla,mme a etlaa le hodima maru a lehodimo.”

65. Yaba Moprista e Moholo o hahola diaparo tsa hae, o re: “O nyefotse, re sa hlokelang dipaki? Jwale le ikutlwetse nyefolo.

66. Le reng?”Ba mo araba, ba re: “O tshwanelwa ke lefu.”

67. Yaba ba mo tshwela ka mathe sefahlehong, ba mo otla ka ditebele, ba bang bona ba mo jabela,

68. ba re: “Re porofetele, Kreste: Ke mang ya o otlileng?”

69. Petrose o ne a dutse kantle, lebaleng; lekgabunyane le leng la tla ho yena, la re: “Le wena o ne o ena le Jesu wa Galelea.”

70. A mo latola pela bohle, a re: “Ha ke tsebe seo o se bolelang.”

71. Yare ha a etswa monyako, lekgabunyane le leng hape la mmona, la re ho ba neng ba le moo: “Enwa o ne a ena le Jesu wa Nasaretha.”

72. A hlapanya, a mo latola hape, a re: “Motho eo ha ke mo tsebe.”

Matheu 26