Matheu 26:5-23 BIBELE (SSO89SO)

5. Empa ba re: “E se be mohla mokete, esere mohlomong moferefere wa eba teng hara setjhaba.”

6. Jesu ha a le Bethania ha Simone, molepera,

7. mosadi ya nang le pitsana e tletseng setlolo sa bohlokwa, a tla ho yena, mme a se tshela hloohong ya Jesu ha a ntse a eja.

8. Empa barutuwa ba hae ha ba bona hoo ba ipelaetsa, ba re: “Tshenyo ee e etsetswang?

9. Setlolo sena se ka be se rekisitswe tjhelete e ngata, mme ya abelwa mafutsana.”

10. Jesu a elellwa hona, mme a re ho bona: “Le nyahamisetsang mosadi eo pelo, athe o nketseditse ketso e molemo?

11. Mafutsana le na le wona kamehla, athe nna le ke ke la ba le nna kamehla;

12. ka ho tshela setlolo sena hodima mmele wa ka, o lokiseditse ho epelwa ha ka.

13. Ruri ke a le bolella, hohle lefatsheng moo molaetsa ona o molemo o tla phatlalatswa teng, seo a se entseng se tla bolelwa, e be seo a hopolwang ka sona.”

14. Yaba e mong wa ba leshome le metso e mmedi, ya bitswang Judase Isekariota o ya ho baprista ba baholo,

15. o re: “Le tla mphang, ke tle ke le neele yena?” Ba mo lefa ditjhelete tsa silefera tse mashome a mararo.

16. Ho tloha moo a batla monyetla wa ho ba neela yena.

17. Ka letsatsi la pele la mokete wa bohobe bo sa lomoswang, barutuwa ba tla ho Jesu, ba re: “O rata ha re o lokisetsa ho jela Paseka kae?”

18. A re: “Eyang motseng ho motho ya itseng, le re ho yena: <Moruti o re nako ya ka e haufi, ke tla jela Paseka ha hao mmoho le barutuwa ba ka.> ”

19. Barutuwa ba etsa jwalokaha Jesu a ba laetse, mme ba lokisa Paseka.

20. Mantsiboya a qala ho ja le ba leshome le metso e mmedi.

21. Ha ba ntse ba eja, a re: “Ruri ke a le bolella hore e mong wa lona o tla nkeka.”

22. Ba swaba haholo, mme e mong le e mong a qala ho mmotsa, a re: “Na ke nna, Morena?”

23. A araba, a re: “Ya kentseng letsoho le nna ka sejaneng ke yena ya tla nkeka.

Matheu 26