48. Ya ekang Jesu o ne a ba neile pontsho, a re: “Eo ke tla mo aka ke yena; le mo tshware.”
49. A ba sa toba ho Jesu, a re: “E, Moruti!” Yaba o a mo aka.
50. Jesu a re ho yena: “Motswalle, o tletseng moo?”Jwale ba tla ho Jesu, ba mo tshwara.
51. E mong wa ba nang le Jesu a phahamisa letsoho la hae, a hula sabole ya hae, a hlatha mohlanka wa Moprista e Moholo, a mo poma tsebe.
52. Yaba Jesu o re ho yena: “Busetsa sabole ya hao selateng sa yona, hobane bohle ba tshwarang sabole ba tla bolawa ka sabole.
53. Kapa o lekanya hore ke sitwa ho rapela Ntate, a nthomelle hona jwale mabotho a mangeloi a fetang leshome le metso e mmedi?
54. Empa Mangolo a ka phethahala jwang a reng, eka kgona ho be jwalo?”
55. Ka yona nako eo Jesu a re ho matshwele: “Na ebe ke senokwane ha le tlile ho ntshwara ka disabole le dikoto tjee? Ke nnile ka ruta ka Tempeleng ka matsatsi wohle, empa ha le a ka la ntshwara.
56. Empa hona hohle ho etsahetse hore se ngotsweng ke baporofeta se phethahale.” Jwale barutuwa bohle ba mo siya, ba baleha.
57. Yaba ba tshwereng Jesu ba mo isa ho Moprista e Moholo, Kaiafa, moo Ditsebi tsa Molao le baholo ba neng ba phuthehetse teng.
58. Petrose a mo latela a le sebakana ho ya fihla ha Moprista e Moholo, mme hoba a kene, a dula le bahlanka ho bona pheletso.
59. Baprista ba baholo le lekgotla lohle ba batla bopaki ba leshano bo ka tswang Jesu hore ba tle ba mmolaye,
60. empa ha ba a ka ba bo fumana, le hoja dipaki tsa leshano di ile tsa tla ka bongata.Qetellong ha tla tse pedi,
61. tsa re: “Motho enwa o itse: <Nka qhaqha Tempele ya Modimo, mme ka e tsosa ka matsatsi a mararo.> ”
62. Moprista e Moholo a ema, a re: “Na ha o arabe letho hodima tseo ba o qosang ka tsona?”