Matheu 26:33-49 BIBELE (SSO89SO)

33. Petrose a mo araba, a re: “Leha bohle ba ka o kwenehela, nna nke ke ka kweneha le kgale.”

34. Jesu a re ho yena: “Kannete ke a o bolella hore bosiung bona, etlare mokoko o eso lle, o tla be o ntatotse hararo.”

35. Petrose a re ho yena: “Leha eba ke tlameha ho shwa le wena, ha nka ke ka o latola.” Barutuwa bohle le bona ba bua jwalo.

36. Jwale Jesu a ya le bona serapeng se bitswang Gethesemane, mme a re ho barutuwa: “Dulang mona ha ke sa ntse ke eya mane ho rapela.”

37. A tsamaya le Petrose le bara ba babedi ba Sebedea, mme a qala ho swaba le ho tshwenyeha.

38. Yaba o re ho bona: “Moya wa ka o maswabing a maholo, hoo nka shwang; salang mona, le fadimehe le nna.”

39. A ya pejana, a itihela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: “Ntate, haeba ho ka etsahala, senwelo sena a se ke se mphete, empa ho be kamoo ho ratang wena kateng, e seng nna.”

40. A tla ho barutuwa, a fumana ba robetse, mme a re ho Petrose: “Na ebe le sitilwe ho fadimeha le nna hora e le nngwe?

41. Fadimehang, mme le rapele, hore le se kene molekong; moya o mafolofolo, empa mmele o a fokola.”

42. A tloha ho bona kgetlo la bobedi, a ya rapela, a re: “Ntate, haeba senwelo sena se sitwa ho mpheta ke sa se nwe, a ho etswe thato ya hao!”

43. Ha a kgutlela ho bona hape, a fumana ba robetse, hobane mahlo a bona a ne a le boima ke boroko.

44. A tloha hape, a ya rapela kgetlo la boraro, a pheta mantswe wona ane.

45. Jwale a tla ho barutuwa, a re ho bona: “Na le sa ntse le robetse, le phomotse? Bonang, nako e atametse, mme Mora Motho o neelwa matsohong a baetsadibe.

46. Tsohang, a re yeng; ya nkekang ke enwa, o se a atametse.”

47. Yare a sa bua, Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a fihla a ena le letshwelehadi le tshwereng disabole le dikoto, le etswa ho baprista ba baholo le baholo ba setjhaba.

48. Ya ekang Jesu o ne a ba neile pontsho, a re: “Eo ke tla mo aka ke yena; le mo tshware.”

49. A ba sa toba ho Jesu, a re: “E, Moruti!” Yaba o a mo aka.

Matheu 26