22. Ba swaba haholo, mme e mong le e mong a qala ho mmotsa, a re: “Na ke nna, Morena?”
23. A araba, a re: “Ya kentseng letsoho le nna ka sejaneng ke yena ya tla nkeka.
24. Ha e le Mora Motho, o ikela jwalokaha ho ngotswe ka yena, empa ho madimabe motho eo Mora Motho a tla ekwa ke yena. Ho ka be ho bile molemo ho yena hoja a se ke a tswalwa.”
25. Judase, e leng yena ya mo ekang, a bua, a re: “Na ke nna, Moruti?”A re ho yena: “O boletse teng!”
26. Yare ha ba ntse ba eja, Jesu a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, mme a bo nea barutuwa ba hae, a re: “Nkang le je; hona ke mmele wa ka.”
27. A nka senwelo, a leboha, a nto ba nea sona, a re: “Nwelang ho sona bohle,
28. hobane hona ke madi a ka a selekane, a tla tshollelwa ba bangata, a tshollelwa tshwarelo ya dibe.
29. Ke a le bolella, ho tloha jwale ha nka ke ka nwa seno se tswang tholwaneng ya morara ho fihlela letsatsing leo ke tla se nwa le lona Mmusong wa Ntate se le setjha.”
30. Hoba ba bine sefela, ba tswa, ba ya Thabeng ya Mehlwaare.