19. Barutuwa ba etsa jwalokaha Jesu a ba laetse, mme ba lokisa Paseka.
20. Mantsiboya a qala ho ja le ba leshome le metso e mmedi.
21. Ha ba ntse ba eja, a re: “Ruri ke a le bolella hore e mong wa lona o tla nkeka.”
22. Ba swaba haholo, mme e mong le e mong a qala ho mmotsa, a re: “Na ke nna, Morena?”
23. A araba, a re: “Ya kentseng letsoho le nna ka sejaneng ke yena ya tla nkeka.
24. Ha e le Mora Motho, o ikela jwalokaha ho ngotswe ka yena, empa ho madimabe motho eo Mora Motho a tla ekwa ke yena. Ho ka be ho bile molemo ho yena hoja a se ke a tswalwa.”
25. Judase, e leng yena ya mo ekang, a bua, a re: “Na ke nna, Moruti?”A re ho yena: “O boletse teng!”
26. Yare ha ba ntse ba eja, Jesu a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, mme a bo nea barutuwa ba hae, a re: “Nkang le je; hona ke mmele wa ka.”
27. A nka senwelo, a leboha, a nto ba nea sona, a re: “Nwelang ho sona bohle,
28. hobane hona ke madi a ka a selekane, a tla tshollelwa ba bangata, a tshollelwa tshwarelo ya dibe.